SAHRC e ka o thusa jwang?

SAHRC e ka o thusa jwang?
SAHRC e etseditswe ho o fa tlhahiso-leseding, ho o
eletsa le ho thusa ho sireletsa ditokelo tsa hao.




Bakeng sa tlhahiso-leseding e fetang mona le
kwetliso ka ha ditokelo tsa botho, ikgokahanye
le Setsi sa rona sa Naha sa Thuto le Kwetliso ya
Ditokelo tsa Botho (NACHRET).
(011) 484 8300 ext 2118/2084
Ha eba o nahana hore ditokelo tsa hao tsa botho
ha di a natswa, ikgokahanye le Lefapha la rona
la Ditshebeletso tsa Semolao, mme ba tla fuputsa
tlaleho ya hao
 (011) 484 8300 ext 2248/2044/2038
Bakeng sa tlhahiso-leseding e mabapi le ho
fumana ditokelo tsa setjhaba tsa ikonomi (matlo,
metsi, mobu, tjhelete ya thuso ya setjhaba,
tikoloho, dijo, thuto le bophelo bo botle), le ha
eba o ena le dipotso mabapi le tokelo ya hao
ya ho fuwa tlhahiso-leseding (PAIA), kapa tokelo
ya hao ya teka-tekano le ba bang (PEPUDA)
ikgokahanye le Lefapha la rona la Dipatlisiso le
Dingolwa.
 (011) 484 8300 ext 2006/2016
O ka ikgokahanya le rona ofising ya rona
e ka sehloohong kapa diofising tsa rona tsa
diprofensi.
Ikgokahanye le rona
Gauteng (Ofisi e ka sehloohong)
29 Princess of Wales Terrace
Corner of York and St Andrews Streets,
Parktown, JOHANNESBURG

(011) 484 8300
Fax
(011) 643 6472
Kapa Botjhabela
Suite 22, 7th Floor, Allied Building
Govan Mbeki Avenue,
PORT ELIZABETH
 (041) 582 2611/4094
Fax (041) 582 2204
Freistata
1st Floor, TAB Building, 50 East Burger Street,
BLOEMFONTEIN
 (051) 447 1130 • Fax (051) 447 1128
KwaZulu-Natal
First Floor, 136 Victoria Embankment,
DURBAN
/Fax (031) 304 7323/4/5
Limpopo
1st Floor, Office 102,
Library Garden Square, Corner of Schoeman
and Grobler Streets, POLOKWANE
 (015) 291 3500 • Fax (015) 291 3505
Khomishene ya
Ditokelo tsa Botho
ya Afrika Borwa
Ke eng?
Mpumalanga
4th Floor Carltex Building, 32 Bell Street,
PO Box 6574, NELSPRUIT
 (013) 752 5870/8292/5890
Fax (013) 752 6890
Kapa Leboya
45 Mark and Scott Road,
Ancorley Building, UPINGTON
 (054) 332 3993/4 • Fax (054) 332 7750
Kapa Bophirimela
7th Floor, ABSA Building,
132 Adderley Street, CAPE TOWN
 (021) 426 2277 • Fax (021) 426 2875
Websaete: www.sahrc.org.za
imeili: [email protected]
SESOTHO
Tseba ditokelo tsa hao
Obe le maikarabelo
Ditokelo tsa Botho ke eng?
Ditokelo tsa botho
ke ditokelo tsa
mantlha tseo bohle
ba nang le tsona,
hobane fela e le
batho.
Ditokelo tsa botho ke motheo wa demokrasi ya
rona. Molaotheo wa rona le melao e meng yohle ya
rona di tshetlehilwe ho ditokelo tsa botho. Ditokelo
tsena di ngotswe ka hara Bili ya Ditokelo, Karolo
2 ya Molaotheo wa Afrika Borwa, e leng molao o
phahametseng e meng yohle ka hara naha.
Molaotheo o ile wa thehwa ho kwala dikgeo tsa
nako e fetileng le ho theha setjhaba se thehilweng
hodima demokrasi, toka hara setjhaba le ditokelo
tsa mantlha tsa botho.
Molaotheo o ananela seriti le ditokelo tsa motho e
mong le e mong. Ho sa natse hore na o mang, o
na le tokelo ya ho tshwarwa ka ho tshwana le ka ho
lekana le ba bang bohle Afrika Borwa.
Bili ya Ditokelo tsa Botho
-
Teka-tekano
Tlhompho ya botho
Bophelo
Tokoloho le tshireletseho ya motho
Bokgoba, bohlanka le ho qobellwa ho sebetsa
Ho boloka maemo a ditaba e le lekunutu
Bolokolohi ba bodumedi, tumelo le maikutlo
Bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo
Diboka, dipontsho tsa boipelaetso le ditletlebo
Bolokolohi ba dikamano
Ditokelo tsa sepolotiki
Boahi
Bolokolohi ba ho ya moo o batlang le ba
bodulo
- Bolokolohi ba kgwebo, mosebetsi le botsebi
- Dikamano tsa mosebetsi
-
Tikoloho
Leruo
Matlo
Tlhokomelo ya bophelo bo botle, dijo, metsi le
tshireletso
Bana
Thuto
Puo le tsa botjhaba
Ditjhaba tsa setso, tsa bodumedi le tsa puo
Ho fuwa tlhahiso-leseding / Ho tsebiswa
Bohato ba tsa tsamaiso bo nang le toka
Ho fihlella makgotla a molao
Batho ba tshwerweng, ba kgolehong le ba
qositsweng
Ho se hlomphe ditokelo tsa botho ke
ho etsa jwang?
Ha motho a iphapanya kapa a sa natse ditokelo tsa
hao, ho thwe ha a hlomphe ditokelo tsa hao.
SAHRC e etsang?








Maikemisetso a SAHRC
SAHRC ke mokgatlo wa naha o ikemiseditseng ho
ntshetsapele ho hlompha, ho natsa le ho sireletsa
ditokelo tsa batho bohle ntle le ho tshaba kapa ho
ya ka leeme.
SAHRC ke mokgatlo o
ikemetseng. E netefatsa
hore bohle, ekasitana
le mmuso, ba hlompha
ditokelo tsa botho.
Mesebetsi ya SAHRC ke efe?



E ntshetsapele tlhompho ya ditokelo tsa botho
le moetlo wa ditokelo tsa botho
E sireletsa ditokelo tsa botho
E laola ditokelo tsa botho ka hara
Riphaboliki.



E ntshetsapele ho elellwa ha batho ditokelo tsa
botho Afrika Borwa
E fuputsa ditletlebo tsa ho se hlomptjhwe ha
ditokelo tsa botho
E laola dinyewe tse kgolo tsa ho se hlomptjhwe
ha ditokelo tsa botho le ka moo di tsamaiswang
kateng makgotleng a dinyewe
E laola le ho tlalehela Palamente tswelopele ya
mmuso ho tliseng ditokelo tsa bophelo le tsa
ikonomi ho maAfrika Borwa ohle, ka selemo
E tsamaisa di-workshop, mananeo a kwetliso,
thuto ya setjhaba le dikopano tsa ho fihlella
setjhaba, diseminara, dipuisano le dipehelo
E hlahisa le ho fana ka disebediswa le
diphatlalatso
E kenyeletsa ditokelo tsa botho mekgahlelong
yohle ya dithuto
E laola le ho tshehetsa ho thehwa ha Molao wa
Ntshetsopele ya ho Fumana Tlhahiso-Leseding
(PAIA) le Molao wa Ntshetsopele ya Teka-Tekano
le Thibelo ya Kgethollo (Promotion of Equality
and the Prevention of Unfair Discrimination Act
(PEPUDA))
E laola ntshetsopele ya melao e metjha mme e
sebetsa mmoho le Palamente
E laola boraditaba ho latela tsa ditokelo tsa
botho
E tsamaisa dipotso ho tswa ho setjhaba, mabapi
le ho se hlomptjhwe ha ditokelo tsa botho ka
kakaretso.
Molaotheo, molao mmoho
le SAHRC di re o hloka ho
netefatsa hore batho ba
sa itekanelang mmeleng ba
kgona ho fihlella moaho ona.