Vuk’uzenzele M

1
Pudungwana 2014
Bophelo bo Botle • Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae • Mesebetsi • Polokeho le Tshireletso • Thuto
Vuk’uzenzele
Lefapha la Dikgokahanyo (DoC) Pudungwana 2014
Sesotho/English
Mahae a
matjha a
mekaubere
ya sesole leqephe 9
Ho tswa
Meahong ya
Kopano
leqephe 3
Imbizo ya Moporesidente e fa
badudi tshepo
Moporesidente Jacob Zuma a bua le Thulebone Maphumulo le bana babo ba bararo
nakong ya Imbizo ya Moporesidente.
More Matshediso
Malapa a mararo a etelletsweng pele ke bana ho
la Mbali, Pietermaritzburg,
a fumane monyetla o sa
tlwaelehang wa ho abelana
mathata a bona le Moporesidente Jacob Zuma
ha a ne a etetse sebaka
seo e le karolo ya Imbizo ya
Moporesidente.
M
oporesidente o ile a re o anngwe
ke taba ya mohlankanyana wa
kgutsana ya nang le boikarabelo
ba ho hodisa bana ba habo, e le
hore o ntse a kena sekolo.
Thulebone Maphumulo ke yena ya moholo habo. O leka ho ithuta… o leka ho sebetsa, le ho bopa lelapa la habo,” ho boletse
Moporesidente, ha a ne a bua imbizong e neng
e le Yunivesithing ya Thekenoloji ya Durban,
Khamphaseng ya Indumiso.
Maphumulo, ya dulang ntlong ya RDP e
Mbali 2 Pietermaritzburg le bana ba habo ba
bararo, o ile a re o ne a sa lebella Moporesi-
Vuk’uzenzele
dente ho etela habo.
Mohlankanyana ya dilemo di 21 o ile a re o
ne a tshohile haholo ha Moporesidente Zuma
a kena habo.
“Maemo ao re phelang ho ona lapeng ha
a matle. Ke nna ya moholo lapeng mme ke
hlokomela bana beso ba bararo, ba dilemo di
12, di 10 le tse supileng. Ba kena sekolo mme
le nna ke moithuti Kholetjheng ya FET,” o
boletse jwalo.
“Ha ho tjhelete eo re e fumanang. Bana
beso ha ba fumane dithuso tsa ditjhelete tsa
mmuso. Hangata re fumana dinyehelo le tshehetso ho baahisane, empa ka dinako tse ding
ke fumana mesebetsi ya nakwana mafelong
a beke ho netefatsa hore bophelo ba rona bo
tswela pele.
Maphumulo o ithutela lengolo la Diploma
ya Human Resource, empa o na le tjantjello
ya BCom. Accounting jwalo ka ha a batla ho
ba se bitswang chartered accountant ka le leng
la matsatsi.
“Ke qadile dithuto tsa ka Phuptjane monongwaha mme ke entse kopo ya kadimo ya
tjhelete ya Sekema sa Naha sa Thuso ya
Ditjhelete ho Baithuti. Ke tshwanela ho
phethela dithuto tsena isao ka Tshitwe,” o
boletse jwalo.
Moporesidente Zuma o itse mmuso o tla
nka boikarabelo ba lelapa la Maphumulo, ho
etsetsa hore a tle a ithute dithuto tsa boikgethelo ba hae ka 2015, ha basebeletsi ba
setjhaba ba tla be ba hlokometse bana ba habo
ba bararo.
ke MAHALA
“Ke sitwa ho fumana mantswe a ka hlalosang teboho ya ka ka bokena dipakeng ba
Moporesidente Zuma, ke motlotlo e le kannete,” o ekeditse jwalo.
Matona a fetang 10 a neng a le teng ho
imbi-zo ya Moporesidente, eo e leng ya pele
tlasa botsamaisi bo botjha, le ona a etetse
malapa a ditikolohong tse fapaneng tsa Pietermaritzburg, pele ho dipuisano le badudi.
Moporesidente Zuma, ya buileng le badudi
ba ka bang 2 000 ba tswang dikgutlwaneng
tsohle tsa toropo ka tenteng e neng e hlonngwe mabaleng a dipapadi a khamphase,
o itse qeto ya mmuso ya ho tshwara imbizo
e thea lepatlelo bakeng sa baetapele ba naha
hore ba utlwe mathata a baahi.
“Ha re ka ke ra dula re re re a sebetsa empa
re sa tsebe le haeba batho ba fumana ditshebeletso kapa tjhe. Re tlameha ho ba le imbizo le
batho ho etsetsa hore re utlwe seo ba batlang
ho se botsa kapa seo ba batlang ho tletleba ka
sona,” ho boletse Moporesidente Zuma.
Nakong ya imbizo badudi ba phetlile difuba
tsa bona ka dintho tse amanang le phano ya
ditshebeletso mme Moporesidente a re tsena
di tla fetisetswa mafapheng a tshwanelehileng
ebile mmuso o tla netefatsa hore di a rarollwa.
O itse leeto la hae le latelang sebakeng seo
le tshwanela ho ba ka ditaba tse monate feela,
jwalo ka ha mmuso o tla be o rarollotse dintho
tse ngata.
Eugenia Mbeje wa Ashdown, Pietermaritzburg, o itse o thabile ka hore Moporesidente Jacob Zuma a etele toropo ya habo.
“Nna ka bonna ke nahana hore mmuso o
entse boholo toropong ya rona. Mathata a
mangata a rarollotswe… re fumane ditshebeletso tse ngata mmusong. Makhanselara a
rona a iteka haholo, empa ho na le mosebetsi
o mongata o ntseng o hloka ho etswa,” ho
boletse Mbeje.
Mme ya dilemo di 64 o itse mafapha a
fapaneng a mmuso a atisa ho etela sebaka
sa habo ka mananeo a phihlello a phano ya
ditshebeletso.
Lori ya Lefapha la Merero ya Lehae e tla
sebakeng sa rona ho tla thusa batho ba nang le
mathata ka ditokomane tsa bona tsa boitsebiso
le mangolo a tswalo. Basebeletsi ba Setjhaba le
bona ba a thusa ka dintho tse ngata sebakeng
sa heso,” o boletse jwalo.
Mbeje o itse leha a kgotsofetse ke ditshebeletso tsa mmuso ho fihlela jwale, tshebediso
e mpe ya dithethefatsi le ditlolo tsa molao di
ntse di ngongorehisa ba bangata sebakeng sa
habo.
O ile a boela a re a ka thaba haeba mmuso
o ka ntjhafatsa disebediswa tsa dipapadi le
diholo tse toropong eo molemong wa batjha.
Hlahisa maikutlo a hao ka
tlhekefetso kgahlanong le
basadi le bana
Albert Pule
M
muso o etsa kgoeletso ho maAforika
Borwa ohle, haholoholo banna, ho
tshehetsa letsholo la Matsatsi a 16
a ho Lwantshana le Tlhekefetso
Kgahlanong le Basadi le Bana, le qalang ho tloha
ka la 25 Pudungwana ho ya ho la 10 Tshitwe.
Selemo le selemo, nakong ena, mmuso le
mekgatlo ya setjhaba ba sebetsa mmoho ho etsa
tlhokomediso ka sekgahla sa tlhekefetso kgahlanong le basadi le bana.
O KA ETSA ENG NAKONG YA
LETSHOLO?
•
Qhwaela ribone e tshweu nakong ya matsatsi a 16. Ribone e tshweu ke letshwao la
kgotso ebile e bontsha boikitlaetso ba ya e
qhwaetseng hore a se ke a hlola a etsa kapa
a iphapanyetsa tlhekefetso kgahlanong le
basadi le bana.
• E ba moithaopi mokgatlong oo e seng wa
mmuso kapa sehlopha sa sebaka se tshehetsang basadi le bana ba hlekefeditsweng.
• Nyehela mekgatlong e sebeletsang ho fedisa
tlhekefetso kgahlanong le basadi le bana.
• Bua kgahlanong le tlhekefetso ya basadi le
bana. Kgothalletsa basadi ba sa bueng bao
e leng mahlatsipa ho bua ka tlhekefetso
le ho netefatsa hore ba a thuswa. Tlaleha
tlhekefetso ya bana sepoleseng o be o
kgothalletse bana ho tlaleha boitshwaro ba
bohanyapetsi ho batsamaisi ba sekolo.
• Banna le bashanyana ba kgothalletswa ho
bua ka tlhekefetso ba be ba seolle bohlekefetsi.
• Batla thuso ho molekane wa hao kapa bana
ba hao haeba o hlekefeditswe moyeng,
mmeleng kapa ka motabo.
MOO O KA FUMANANG
THUSO
Haeba o hlekefeditswe kapa o tseba motho
e mong ya hlekefeditsweng o ka letsetsa
ho:
• Mohala wa Naha wa Thuso ya Dikoduwa
(Lifeline) - 0861 322 322.
• Mohala wa Thuso wa ho Lwantshana le
Tlhekefetso Mabapi le Bong 0800 150 150.
• Batho ba Kgahlanong le Tlhekefetso ya
Basadi (POWA) - 011 642 4345.
• Mokgatlo wa Aforika Borwa wa Malapa
le Manyalo (FAMSA) - 012 460 0733.
• Dikgokahano tsa Naha hodima
Tlhekefetso Kgahlanong le Basadi 012 321 4959.
• Thobamaikutlo le Tshehetso bakeng sa
bana (Childline) - 0800 055 555.
• Matsholo a banna ba tshehetsang
phediso ya tlhekefetso: Porojeke ya
Banna jwalo ka Balekane 011 833 0504.
. . . empa e fetise ha o qetile
2
Pudungwana 2014
Vuk’uzenzele
Rural
DITABA
Development
TSE AKARETSANG
Motjha o motjha wa kgwebo ho la KwaZulu-Natal
Chris Bathembu
Boemakepe ba Kgwebisano
ba Dube bo Durban jwale ke
Lebatowa la Ntshetsopele ya
Diindasteri (IDZ).
E
kena letotong la mabatowa a mang a mararo a moruo a tshwanang le lona a phatlalletseng naha ka bophara. Moporesidente Jacob Zuma o nehelane ka laesense
ya ho sebetsa ya IDZ ho Koporasi ya Boemakepe
ba Kgwebisano ba Dube bo bontshang qalo e
ntjha ya lekala lena, le seng le hohetse matsete
a boleng bo ka bang R1 bilione haesale le bulwa
ka 2012.
“Ena ke kgatelopele e nngwe mesebetsing ya
rona ya ho thea mesebetsi e mengata le ho feta,
e tla fedisa bofuma setjhabeng sa habo rona,”
ho boletse Moporesidente Zuma moketjaneng o
neng o le Boemafofaneng ba Matjhaba ba King
Shaka.
Boemakepe ba Kgwebisano ba Dube IDZ ke ba
moraorao phanong ya mabatowa a kgethehileng
a moruo wa naha ka bophara a reretsweng ho
hodisa moruo wa naha ho fihlella pehelo ya
kgolo ya moruo ya diphesente tse hlano ka 2019.
Jwaloka ha e le IDZ ya pele Durban, Boemakepe ba Kgwebisano ba Dube IDZ bo kena
letotong la diporojeke tse ding tse tshwanang
le yona, tse hohetseng matsete a ka hodimo ho
R5 bilione ha a kopane a Port Elizabeth, East
London le Richards Bay.
Moporesidente Jacob Zuma o nehelane semmuso ka laesense ya tshebetso ya Lebatowa
la Ntshetsopele ya Diindasteri ho Boemakepe ba Kgwebisano ba Dube. O bonwa mona
a na le (ho tloha ka leqeleng) Motlatsi wa Letona la Lefapha la Kgwebisano le Indasteri
Mzwandile Masina, Letona Rob Davies, Tonakgolo ya KwaZulu-Natal Senzo Mchunu,
Ratoropo wa Motsemoholo wa Ethekwini James Nxumalo le Bridgete Gaza, Modulasetulo
wa Boemakepe ba Kgwebisano ba Dube.
Ho ya ka Lionel October, Molaodi e Moholo wa
Lefapha la Kgwebisano le Indasteri, mabatowa
a kgethehileng a moruo a mangatanyana a tla
fanwa naha ka bophara jwaloka ha mmuso o
matlafatsa mokgwa oo o sebetsang ka wona ho
hodisa moruo wa Aforika Borwa ka tshebediso
ya diindasteri jwaloka ha Morero wa Ntshetsopele ya Naha o laela.
Boemakepe ba Kgwebisano ba Dube IDZ bo
motjheng wa ho fetola Kwazulu-Natal ho ba setsiketsi sa bohlokwa sa kgwebo esita le moabi ya
ananetsweng lefatsheng ka phepelo ya lethathama la dithepa. Dibaka tse pedi tsa matsete, Lebatowa la Kgwebisano la Dube le Lebatowa la Temo
la Dube – a tla ba bohlokwa katlehong ya IDZ.
Makala a ka sehloohong a seng a hlwailwe a
akga tlhahiso le kgobokanyo ya dileketeroniki,
temothuo le tokiso ya dihlahiswa tsa temothuo,
tlhahiso ya meriana esita le ya masela le dilohilweng.
Moporesidente Zuma o itse Boemakepe ba
Kgwebisano ba Dube bo tla thea mesebetsi e
fetang 150 000 ka 2060, ka sona selemo seo se
lebelletsweng hore ntshetsopele e kenye letsoho
ka R5,6 bilione ho GDP ya naha.
“Boemakepe ba Kgwebisano ba Dube ke bo
bong ba dipale tse monate tse ka phetwang. Re
ikemiseditse ho thea tikoloho e ntle bakeng sa
boramatsete. Re tla tswela pele ho eketsa mekgwa ya tshehetso ka mabatowa a kgethehileng a
moruo le disebediswa tse ding tsa ntshetsopele,”
o ekeditse ka ho bolela jwalo.
Letona la Lefapha la Kgwebisano le Indasteri
Rob Davies o itse taba ya mabatowa a kgethehileng a moruo Aforika Borwa le dikarolong tse
ding tsa lefatshe, a bonahetse a le a bohlokwa
ho phahamiseng ntshetsopele ya diindasteri le
tswakanyo ya moruo.
“Tsena ke diindasteri tse tshehetsang mebaraka ya rona ya diyantle ka ho fetisisa mme
di tsepame dibakeng tsa boemakepe le tsa boemafofane. Nakong ya botsamaisi bo fetileng,
re ile ra ba sedi ho sheba seo re ka se fihlellang
lenaneong la mabatowa a kgethehileng a moruo.
Di-IDZ tse tharo tse sebetsang ka mahlahahlaha (Port Elizabeth, East London le Richards
Bay) jwale di se di hohetse matsete a boleng ba
R5 bilione, ka hoo lewa lena le a sebetsa,” ho
boletse Letona Davies.
O itse mmuso o motjheng wa ho thea Boto ya
Mabatowa a Kgethehileng a Moruo, e tla eletsa
Letona ka ho kenngwa tshebetsong le ho phanyaolwa ha mabatowa a kgethehileng a moruo.
Moporesidente Zuma o itse batho ba KwaZuluNatal ba tla nka qeto mabapi le katleho ya ntshetsopele e ntjha ka mokgwa oo e tla fetola maphelo a bona ka yona ka tlhahiso ya mesebetsi.
Lefapha la Ntshetsopele ya
R1bilione ho aha le ho ntlafatsa meruo ya makeisheneng Setjhaba le thusa monna ya
Nosihle Shelembe
Mmuso wa Gauteng o tla
tsetela tjhelete e fetang
R1 bilione ho aha le ho ntlafatsa
dikaho tsa motheo ya meruo
ya lekeisheneng nakong ya
dilemo tse hlano tse tlang.
“R
e batla ho etsa moruo wa
makeisheneng e be moabi
wa bohlokwa moruong wa
Gauteng. Re batla hore diphesente tse 30 tsa moruo wa Gauteng e be dikgwebo
tsa makeisheneng,” ho boletse Tonakgolo ya porofense, David Makhura.
O ekeditse ka hore mmuso o batla ho hodisa
moruo wa Gauteng ka ho menahaneng habedi
esita le ho o hodisa ho ya ho R2 trilione nakong
ya dilemo tse 15 tse tlang.
“Tsosoloso ya meruo ya makeisheneng ke o
mong wa mekgwa ya ho kena dipakeng ho fetola,
ho ntjhafatsa le ho boela ho sebediswa diindasteri
moruong wa rona.”
Ha a ne a bua Sebokeng sa Tsosoloso ya Moruo
wa Makeisheneng se neng se le Setediamong sa
Orlando Soweto, o itse mmuso o nkela hloohong
ditlhoko tsa borakgwebo ba makeisheneng.
Sepheo sa seboka e ne e le ho fa borakgwebo
ba sebaka, Dikgwebo tse Bohareng le tse Nyenyane (di-SMME) le dikoporasi monyetla wa ho
phehisa mabapi le Lewa la Tsosoloso ya Moruo
wa Makeisheneng.
Tonakgolo Makhura o itse Mmuso wa Porofense
ya Gauteng o ntse o sheba mekgwa e mengatanyana ya bokenadipakeng, e tla thusa ho hodisa
meruo ya makeisheneng.
Re batla ho netefatsa hore ho na le moralo o
nepahetseng wa molao le taolo… re tshwanela
ho shebabotjha e meng ya melao e sa kgothaletseng kgolo ya di-SMME le borakgwebo ba
makeisheneng.”
Mekgwa e meng ya bokenadipakeng e ne e akga
potlakiso ya kaho ya bokgoni, ho thusa borakgwebo ka tsa ditjhelete le ho tsetela meruong
ya makeisheneng.
Tonakgolo Makhura o itse mmuso o batla ho
thusa borakgwebo ka phihlello mebarakeng le
phumantshong.
Dikgweding tse tharo tse fetileng, Tonakgolo o
bile le dipuisano tse tebileng le borakgwebo ba
makeisheneng ba porofense ka bophara.
“Re etetse makeishene a fetang 65 a Gauteng
mme ra fumana ditaba ho tswa ho beng ba
tsona e leng borakgwebo ba fetang 50 000 ba
makeisheneng ka merero le ditabatabelo tsa
bona,” ho boletse Tonakgolo Makhura.
Tse ding tsa diphephetso tseo borakgwebo
ba makeisheneng ba tobaneng le tsona di akga
boteng ba ditsi tse kgolohadi tsa mabenkele,
mokgwa wa phumantsho o sa tshehetseng meruo
ya makeisheneng le ho tiisa letsoho ha sepolesa
sa masepala ka ho akaretsa dikgwebisano tse sa
ngodiswang ka molao hore e be ditlolo tsa molao.
“Mmuso o itlamme ka tjhelete e kaalo ka
R60 milione selemong se hodimo sa ditjhelete ho
tsetela kahong ya dikaho tsa motheo tse tiileng
bakeng sa borakgwebo ba makeisheneng hore
ba kgone ho etsa dikgwebo tsa bona maemong a
betere,” ho boletse Tonakgolo Makhura.
Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa
o bolelletse borakgwebo ba makeisheneng hore
tshibollo e ntshetsa pele dikgwebo.
“Tshibollo ke yona e ntshetsang meruo pele. Ke
batla hore le ke le dule mme le je masapo a hlooho
ka seo le ka se etsang se setjha,” o boletse jwalo.
Motlatsi wa Moporesidente Ramaphosa o
kgothalleditse borakgwebo ho ntlafatsa bokgoni
ba bona ho etsetsa hore ba tle ba ntlafale ho utlwisiseng dipampiri tse sebediswang kgwebong, ho
utlwisiseng ditatemente tsa tjhelete e kenang le
ho tjhorisa bokgoni ba bona ba thekiso hore ba
tle ba fihlelle mebaraka.
“Meruo ya makeisheneng e tlameha ho
sebediswa e le selelekela sa ho kena moruong
o batsinyana wa naha ya rona. Le tlameha ho
hlahisa thepa makeisheneng mme le e rekise
Sandton… le tlameha ho hahamallela ka ntle ho
porofense, le hahamallele ka ntle ho naha.
“Ha re a tshwanela ho ba le sepheo sa ho fella
mona feela; moruo wa lekeisheneng ke selelekela sa rona. Re tlameha hore rona ka borona re
itjhebele hole jwaloka rokete,” o boletse jwalo.
Motlatsi wa Moporesidente o boetse a ipiletsa
dikgwebong tse kgolo ho tshehetsa dikgwebo
tsa makeisheneng.
holofetseng
Ntlo (ka hodimo) eo Siyabonga Khumalo le lelapa la hae ba neng ba dula ho
yona pele e ntlafatswa ke Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
Albert Pule
K
a dilemo tse ngata, Siyabonga Khumalo ya dilemo
di 21 o ne a sa kgone ho
tsamatsamaya habobebe
ha nkgonwae ka tlung le ka jareteng
Mndeni, Soweto. Ntlo ena e diphaposi
tse nne e ne e se boemong bo botle
ba tshebediso ya setulo sa batho ba
holofetseng.
“O ne a thatafallwa haholo ho etsa
eng kapa eng hobane jarete e ne e se
boemong bo botle ba setulo sa batho ba
holofetseng mme setupu sa rona se ne
se se na rempo,” ho bolela motswala wa
Siyabonga, Makhosi Khumalo.
Tsena tsohle di fetohile ka thuso ya
selekane se dipakeng tsa mafapha
a ntshetsopele ya setjhaba, bophelo
bo botle le GVK Siyazama Construction le Elliot Mobility. Siyabonga le
nkgonwae ba dula ntlong e sa nswa
ntjhafatswa le jarete e nang le dirempo
tse nolofatsang ho kena le ho tswa ka
tlung.
Polelong e entsweng, Lefapha
la Ntshetsopele ya Setjhaba le itse
ntjhafatso e tla thusa Siyabonga ho
etsa dintho tseo a neng a sa kgone ho
di etsa pele.
“Bokenadipakeng bo tla thusa ho
thea monyetla wa Siyabonga, wa ho
kgona ho tsamaya ka bolokolohi mme
a be le seabo dinthong tse sebakeng sa
habo,” polelo e bolela jwalo.
Makhosi o re haesale ho ntjhafatswa, Siyabonga o lokolohile ho ya
hohle ntle le mathata. Siyabonga ke
e mong wa batho ba bangata ba holofetseng bao mmuso o ba thusitseng
ebile o ntse o rera ho ba thusa.
Puong ya hae ya Boemo ba Naha ya
2014, Moporesidente Zuma o tlamme
botsamaisi ba jwale ho tla le diphetho
tse tshwanang bakeng sa batho ba
holofetseng. Kgwedi kamorao ho
moo ho tsebisitswe hore Sehlopha sa
Moporesidente se sebetsanang le tsa
Kgolofalo se tla thewa.
Naha e tla ba le Kgwedi ya Tlhokomediso ya Naha ya Ditokelo tsa
Kgolofalo dipakeng tsa la 3 Pudungwana le la 3 Tshitwe ebe selemo le
selemo ho ba teng Letsatsi la Matjhaba
la Batho ba Holofetseng.
Mookotaba wa 2014 ke ho Keteka
dilemo tse 20 tsa ditokelo tsa batho
ba holofetseng Demokerasing ya rona!
Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa
pele ka phetoho e kgolo ya moruo le
setjhaba.
Pudungwana 2014
5
Vuk’uzenzele
BOPHELO BO BOTLE
Dijo tse nang le phepo e ntle di thusa
motho ho phela halelele
HO SE JE KGAFETSA
Bothata bo boholo bo amanang le dijo sebakeng seo Spaumer a sebetsang ho sona
ke ho se je kgafetsa.
“Ha o sa je kgafetsa, mmele wa hao o fumana bongata ba dijo ka nako e le nngwe.
Ha o sebedisi matla ohle a dijo mme di a
fetoha ho ba mafura. Bakudi ba boela ba
sokola ho laola bongata ba dijo.”
O eletsa ka hore ho sebediswe mokgwa
wa ho lekanya difepammele ka setebele ha
ho jewa dijo tse ka sehloohong tsa letsatsi,
ho be teng le meroho le sekotwana sa dimatlafatsi tse kang tlhapi kapa nama ya kgoho.
DISENEKE
Noluthando Mkhize
le Nomaxabiso Tata
Ka mafu a sa tshwaetseng
a kang lefu la tswekere,
kgatello e fetisisang ya madi,
lefu la pelo le mofetshe a
ntseng a fetoha mathata
a lefatshe lohle, maAforika
Borwa a tlameha ho ba sedi
haholo ka seo a se jang.
E
rika Spaumer, Setsebi sa Dijo tse
Nang le Phepo e Ntle se Okametseng Setsing sa Bophelo bo Botle
sa Sebaka sa Eersterus, ya ipabolang
ka pheko ya dijo, o sisinya ho ja ditholwana
tse foreshe le meroho esita le boikwetliso ba
mmele kgafetsa e le karolo ya dijo tse nang
le phepo e ntle.
“Ke hlabolla bakudi maikutlo ka kamoo
ba ka jang dijo tse nang le phepo e ntle ka
teng ka tjhelete eo ba nang le yona. Re a
rera hore na ke dife dintho tse ka rekwang
ka bongata, tse kang raese, phofo le pasta
ho boloka tjhelete. Ha ke kgothaletse dijo
tse seng di lokisitswe hobane di batla di le
theko e hodimonyana athe ha di na phepo
e ntle.
SEO O LOKELANG HO
SE TSEBA KA LEFU LA
TSWEKERE
Mohla la 14 Pudungwana ke Letsatsi la Lefatshe la Lefu la Tswekere, le
reretsweng ho etsa tlhokomediso le ho
ruta setjhaba ka lefu la tswekere hobane
batho ba ba-ngata ba dula ba ntse ba sa
hlahlobelwa lefu leo. Ho ya ka Mokgatlo
wa Lefatshe wa tsa Bophelo bo Botle,
ho na le batho ba ka bang 347 milione
lefatshe ka bophara ba nang le lefu la
tswekere.
MEFUTA YA MAFU A
TSWEKERE
Ho na le mefuta e mmedi e ka sehloohong
ya mafu a tswekere: Mofuta wa I, o tlwaelehileng ka hore ke lefu la tswekere la
bana, le Mofuta wa II, o tlwaelehileng
ka hore ke lefu la tswekere la batho ba
baholo. Ka bobedi a na le matshwao
a tshwanang empa disosa di fapane
haholo.
Mofuta wa I wa lefu la tswekere, o atisang ho bonwa bongwaneng, ke lefu moo
masole a mmele ka bowona a hlaselang
a bile a bolaya disele tse manyemeng tse
hlahisang insulin. Sena se siya mmele o
se na insulin, mme o sa kgone ho laola
“Dijo tse dikotikoting, dijo tse seng di
kgabetswe tsa kenngwa dipakaneng, ke
mehlala ya dijo tse seng di lokisitswe. Ho
molemo ho reka meroho e foreshe mme o e
phehe ka bowena. Ke boela ke kgothalletsa
bakudi ho lema meroho malapeng a bona,”
o boletse jwalo.
Lelapa le leng le le leng le tshwanela ho ba
le matsatsi ao ho sa jeweng nama ka wona
hang ka beke, ha ho jewa dilenthile, dinawa,
kapa dihlahiswa tsa soya sebakeng sa nama,
e leng dijo tse nang le phepo e ntle di bile di
fihlelleha ka tjhelete.
MOKGWA WA HO PHEHA
Spaumer o sisinya hore dijo di phehwe ka
metsi, di bediswe kapa di beswe ho e na le
hore di hadikwe.
“Ha ho hlokeha hore dijo di hadikwe, ho
molemo ho tlotsa moalo wa pitsa ka mafura
kaha sena se thusa ho laola bongata ba
mafura a sebedisitsweng.”
O eletsa kgahlanong le ho hadika dijo ka
hara mafura a mangata hobane mafura a
fetoha sebopeho ha a futhumala.
“Mefuta yohle ya mafura a meroho e
lokile empa hang ha o futhumetsa mafura,
a fetoha sebopeho mme e ba mafura a
kotsi. Dijo tse seng di lokisitswe di etswa
ka mafura a nama ya diphoofolo – mafura
a hwamang a parakang methapo mmeleng
wa hao, e leng se ka bakang tshubuhlellano
ya mafura mmeleng.”
boemo ba wona ba tswekere e mading.
Mofuta wa II wa lefu la tswekere ke lefu
le bakwang ke ha disele tsa mmele di hanana le insulin. Mofuteng wa II wa lefu la
tswekere, ho fapana le Mofuteng wa I wa
lefu la tswekere, insulin e ntse e hlahiswa
ke mmele empa ha e sebediswe hantle.
LEFU LA TSWEKERE KE ENG?
Lefu la tswekere ke boemo boo motho a
nang le sekgahla se hodimo sa tswekere
kapa tlelukhouse mading.
Le etsahala ha mmele o sa hlahise
insulin e lekanang. Ntle le insulin mmele
o ke ke wa fumana matla ao o a hlokang
dijong.
Ka tlwaelo, tshwelesa e bitswang
manyeme e etsa insulin, e isang tswekere
e mading diseleng tsa mmele. Ka lefu la
tswekere, manyeme a hloleha ho fepela
insulin e lekaneng, kapa insulin ha e
sebetse hantle.
MATSHWAO
Matshwao a lefu la tswekere a akga ho:
• Dula o nyorilwe
• Dula o kgathetse
• Rota kgafetsa
• Theoha mmeleng
• Hlohlonelwa le ho se bone hantle
Ho ja disenekenyana dipakeng tsa dijo ho
ntse ho le bohlokwa.
“Diseneke tse lokileng ke ditholwana tse
foreshe, yogathe e se nang mafura a mangata kapa lebese. Re sisinya hore batho bohle
ba tshwanela ho ja, bonnyane, methamo e
meraro ya yogathe kapa lebese ka letsatsi.
Diseneke tse ding e ka ba diqhome, dithutswana tsa meroho, matokomane a se nang
letswai le mangangajane, tsohle ka dikepele
tse nyane,” ho boletse Spaumer.
HO JA DIJO TSE NANG LE PHEPO
E NTLE
Thahameso ke dijo tsa bohlokwa ka ho fetisisa tsa letsatsi mme e tshwanela ho akga
dijo tse nang le sekgahla se hodimo sa faeba
tse kang outshu kapa bohobe ba koro ka
lebese le tholwana.
Dijo tse ntle tsa motsheare e ka ba
samentjhese ya bohobe ba koro bo sa tlotswang ka sereledi, le salate esita le serema
se kang sematlafatsi kapa nama le tholwana.
Bakeng sa selallo o sisinya hore ho jewe
nama ka meroho kapa salate hobane
tshileho ya dijo e batla e sisitheha ha motho
a robetse mme seo se fokotsa ho kena ha
dijo mmeleng.
Spaumer o re maAforika Borwa a tshwanela ho qoba, kahohlehohle, dijo tse seng di lokisitswe tse kang pholone, soseje ya salami
le disopho tse ka disatjheteng, kaha di na le
sekgahla se hodimo sa matswai.
Sena se boela se akga dijo tse
tetebeditsweng mafureng le dino tse nokilweng ka tswekere, tse nang le dikgabana
tse dipakeng tsa tse tshelela ho ya ho tse
robedi tsa tswekere.
KE MANG YA KA BANG LE LEFU
LA TSWEKERE?
Mang kapa mang a ka ba le lefu la tswekere.
Ho ba le mmele o moholo haholo le ho ba
le nalane ya lefu la tswekere lelokong ho
eketsa kotsi ya ho ba le lona.
Ho ya ka mofuta le mpefalo ya lefu la
tswekere, e ka alafshwa ka dijo le boikwetliso ba mmele kapa ka dijo, boikwetliso
ba mmele le meriana. Meriana e ka ba
diente tsa insulin, dipidisi kapa ka bobedi
ba tsona.
Ditaba tse monate ke hore ho ba le lefu la
tswekere ha ho bolele ho fela ha bophelo
bo botle bo tlwaelehileng. O tshwanela ho
amohela hore o maemong ao mme o ithute
ho a laola.
Taolo e ntle ya tswekere e mading e
bohlokwa haholo kaha e thibela kapa e
fokotsa kotsi ya ho ba le ditharahano tsa
lefu lena.
Sekgahla se hodimo ka ho fetisisa sa
tswekere mading (hyperglycemia) se ka
baka mafu a diphio, mahlo, pelo, lephallo
la madi le mafu a mang. Ntle le taolo e ntle
le ka baka mafu a pelo le diphio, bofofu le
ho kgaolwa ha ditho tse ding tsa mmele.
Dijo tse nang le phepo e ntle ke motheo
wa taolo e ntle ya tswekere mading mofuteng ofe kapa ofe wa lefu la tswekere,
Dilemo tse 20 tsa
ho lwantsha HIV/
AIDS
Noluthando Mkhize
Ha dibaka tsa matjhaba
di keteka sehopotso sa
Letsatsi la Lefatshe la AIDS
ka la 1 Tshitwe, Aforika
Borwa e tla ipontshahatsa
dikgatong tseo e seng e
di nkile ho lwantsha lefu
leo.
D
ilemong tse hlano tse fetileng
naha e ile ya nka qeto e matla
ya ho ntjhafatsa maano a yona
a HIV/AIDS ka ho fa batho ba
bangata le ho feta kalafo ya di-antiritrovaerale (di-ARV).
Sena se entse keketseho tebellong ya
bolelele ba bophelo ho tloha dilemong
tse 52,7 ka 2002 ho ya ho tse 59,6 ka 2013.
Ho na le maAforika Borwa a fetang
2,4 milione a lenaneong la kalafo la diantiritrovaerale.
Nakong ya Puo ya Kabo ya Tekanye-tso
ya hae, Letona la tsa Bophelo bo Botle
Aaron Motsoaledi o tsebisitse hore jwale
batho ba nang le HIV ka CD4 count ya
500 ba tla kgona ho fumana di-ARV, a
rala motheo dipehelong tse beilweng ho
Morero wa Ntshetsopele ya Naha tsa phihlello e akaretsang ya di-ARV bathong
bohle ba nang le HIV ka selemo sa 2030.
O ile a boela a re bakeng sa basadi ba
mmeleng, Lefapha la tsa Bophelo bo
Botle jwale le tla latela motjha wa B+
wa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo
bo Botle, o toboketsang hore mosadi e
mong le e mong ya mmeleng ya nang le
HIV o tla sebedisa kalafo ho ya ho ile ho
sa kgathaletsehe hore na maemo a CD4
count ya hae a reng.
Ha jwale, leano la HIV naheng le
hlalosa hore basadi ba mmeleng ba tla
fuwa di-ARV, basadi ba nyantshang ba
tla fuwa di-ARV empa ha ba tlohela ho
nyantsha ba ka tlohela di-ARV ha feela
CD4 count ya bona e le 350.
Leano lena le letjha le tla kenngwa tshebetsong ho tloha ka Pherekgong ya 2015.
Lefapha la tsa Bophelo bo Botle le boetse
la bea leihlo ho ntshuwa ha mokopanyo
wa fixed dose o bitswang ‘single dose’ o
nang le emtricitabine, efavirenz le tenofovir.
Sena se thusa ho fokotsa bothata ba
dipidisi bakuding ba nang le HIV.
Nakong ya Letsatsi la Lefatshe la
AIDS, ditjhaba tsohle di a kopana ho
etsa tlhokomediso ka lefu lena esita le
ho kgothalletsa motho ka mong ho nka
boikarabelo ka bophelo ba hae ka ho etsa
thobalano e bolokehileng a be a etswe
diteko tsa HIV.
esita le kantle ho meriana maemong a
mang. Lehaeba o alafshwa ka diente tsa
insulin kapa dipidisi, o ntse o tshwanela
ho ja dijo tse nang le phepo e ntle.
Ho kwetlisa mmele kgafetsa ka makgetlo
a dipakeng tsa a mararo le a mane ka beke
ka metsotso e 20-50 ho a hlokeha bakeng
sa bophelo bo botle. Sena se akga:
• Ho ya hodimo le tlase ka ditepesi ho
e na le ho sebedisa lifote.
• Ho ya ka maoto mabenkeleng ho e na
le ho ya ka koloi.
• Ho tlolatlola ha 50 –100 ka kgati.
Mohlodi: Lefapha la Bophelo bo Botle la
KwaZulu-Natal
Pudungwana 2014
9
Vuk’uzenzele
PHANO YA DITSHEBELETSO
Re sebeletsa setjhaba betere
Albert Pule
Setjhaba jwale se tla
bona mmuso wa dibaka o
ntlafetseng se be se fumane
tshebeletso e kgotsofatsang
ebile e le ya boleng bo botle.
L
etona la Kopanelo ya Puso le Merero
ya Botjhaba Pravin Gordhan, ya
buileng Sebokeng sa moraorao sa
Moporesidente sa Mmuso wa Lehae,
o itse bomasepala ba tla sebedisa ditjhelete
tsa setjhaba ka hloko, ba hire basebetsi ba
tsebang mosebetsi, ba netefatse boteng ba
ponaletso mme ba ikarabelle bathong bao
ba ba sebeletsang.
O itse diroboto, dipompo tse dutlang le mabone a mebileng, tsohle di tla lokiswa; jwang
bo tla kutwa, mme mekotjana e mebileng e
tla kwalwa.
“Ditletlebo di re ha re nkele batho hloohong
mme hangata re nka nako e telele pele re
lokisa. Ka dinako tse ding re nka matsatsi a
mararo ho lokisa ntho e neng e ka lokiswa
ka letsatsi le le leng. Re tlameha ho fetola seo
mme re rarolle mathata ka nako,” ho boletse
Letona Gordhan.
O ekeditse ka hore bomasepala bohle ba
tshwanela ho sebetsa ka thata, ba sebeletse
setjhaba ka mokgwa o fapaneng ba be ba arabele ditletlebo tsa sona ka nako e sa fediseng
pelo.
Letona Gordhan o itse bakeng sa hore
mmuso wa dibaka o sebetse hantle mme o
be le sekgahla se setle maphelong a badudi,
boetapele ba sepolotiki le batsamaisi ba
tlameha ho ba le seabo sa bohlokwa.
“Bohle re na le boikarabelo ba ho fetola
maphelo a batho esita le ho thea mapatlelo a
betere a moruo.”
Seboka se ile sa itlama ka ho kgutlela
sethathong esita le ho etsa dintho tse bobebe
ka nepo.
Ho thusa mmuso wa dibaka ho atleha, mmuso
wa naha o tla tshehetsa, o dise, o kene dipakeng
o be o netefatse hore ho na le tsitlallelo melawaneng le maemong.
Baromuwa ba neng ba le sebokeng ba ne ba
akga boetapele ba mmuso wa dibaka naha ka
bophara ba ile ba itlama ka tse latelang:
• Ho kenya tshebetsong lenaneo la Kgutlela
Sethathong.
• Ho thea maemo a ho phela hantle ka hore
kgafetsa ho nne ho fanwe ka ditshebeletso
tsa bomasepala tsa maemo a nepahetseng
le boleng bo nepahetseng. Sena se akga
thero le phano ya dikaho tsa motheo le
disebediswa tse ding.
• Ho netefatsa puso e ntle le botsamaisi bo
sebetsang hantle, ho fokotswe tshenyo, ho
sebediswe ditjhelete tsa setjhaba ka hloko,
ho hirwe basebetsi ba tsebang mosebetsi,
ho be ho netefatswe boteng ba ponaletso le
boikarabelo. Ho boele ho netefatswe hore
bonyofonyofo bo a thibelwa bo bile bo a
fotholwa dikgatong tsohle.
• Ho netefatsa botsamaisi bo botle ba ditjhelete le boikarabelo ka ho laola disebediswa
ka hloko ho etsetsa hore ho fanwe ka
ditshebeletso tse tsitsitseng mme ho
tliswe ntshetsopele setjhabeng.
• Ho aha le ho boloka bokgoni le botsamaisi bo botle boo dikgatong tsohle bo
okametsweng ke basebetsi ba kgothetseng ba bile ba na le bokgoni.
• Ho bea batho le dingongoreho tsa
bona ka pele le ho netefatsa hore ho
buisanwa le setjhaba kgafetsa ka mapatlelo a sebetsang hantle a seabo sa
setjhaba.
• Ho netefatsa tiso ya tshebetso sehla le
sehla esita le ho tlaleha ka mosebetsi
wa bomasepala jwaloka ha ho talotswe
mokgweng wa Kgutlela Sethathong.
• Ho ntlafatsa bolaodi ba sepolotiki ba
bomasepala le ho arabela ditlhokong
le ditabatabelong tsa dibaka tsa
tikoloho.
Letona Gordhan o itse lefapha la hae le tla
sebedisa mokgwa wa Kgutlela Sethathong
ho rarolla diphephetso tse tobaneng le
mmuso wa dibaka a ba a itlama ka ho
matlafatsa mmuso wa dibaka ho ntshetsa
naha ya rona pele.
Lehae le letjha la mokaubere wa sesole
Mmuso o tla kenya tshebetsong lenaneo la ho Kgutlela Sethathong le netefatsang
hore maAforika Borwa a fumana ditshebeletso tsa masepala tse sa thekeseleng.
Ho lokisa dintho tsa mantlha
H
o buisana le setjhaba, ho tshwara
dikopano tsa Boratoropo kgafetsa,
le ho mamela ditletlebo tsa badudi
ke enngwe ya dintho tse etsang hore
Masepala wa Sebaka sa Steve Tshwete a atlehe.
Sena, ke ho ya ka Ratoropo wa Masepala wa
Setereke wa Steve Tshwete Masina, ya abelaneng ka pale ya katleho ya hae le baromuwa
Sebokeng sa Moporesidente sa Mmuso wa
Lehae.
O hlalositse hore masepala enwa o ile a
tshwanela ho lokisa dintho tsa mantlha, ke
kahoo e leng e mong wa bomasepala ba sebetsang hantle ka ho fetisisa.
Masepala enwa o Seterekeng sa Nkangala
Porefenseng ya Mpumalanga mme o akaretsa
sebaka se boholo ba 3 993 km². O na le diwate
tse 29 le malapa a 64 971.
Haesale ho tloha ka 2006, masepala o hapile dikgau tse 15. Dikgau di akga Kabo ya
Diphuputso tsa Ditjhelete tse Hlwekileng ya
2012/13, Kabo ya Diphuputso tsa Ditjhelete tse
Hlwekileng ya 2011/12, Kabo ya Diphuputso
tsa Ditjhelete tse Hlwekileng ya 2010/11, Tlhodisano ya Masepala o Dumellanang le Melao
ya Tlelaemete ka ho Fetisisa ya Mpumalanga
ya 2009/10 le Kabo ya Diphuputso tsa Ditjhelete tse Hlwekileng ya 2009 ya Mokgatlo wa
Mebuso ya Lehae wa Aforika Borwa.
Ratoropo Masina o itse masepala o theile
dikgokahano tse totobetseng ka ho dula o bea
badudi sehlohlolong ka merero le diphephetso
tsa wona.
“Re na le tshebedisano mmoho e ntle le bophatlalatsi ba kgatiso le ba eleketeroniki. Ke na
le kholamo eo ke e sebedisang ho Middelburg
Observer, koranta ya sebaka, moo ke tsebisang
setjhaba ka merero ya rona, beke le beke,” o
boletse jwalo.
Ho ya ka Ratoropo Masina, ho buisana le
badudi ho setsiketsing sa ho qoba dikgohlano
tse ka bang teng esita le boipelaetso ba phano
ya ditshebeletso.
“Haeba o bea badudi sehlohlolong sa ditaba ka merero ya hao, o se o ntse o rarolla
bothata ba kgonahalo ya ho ipelaetsa hobane
ba a se tseba se mererong ya masepala.”
O ekeditse ka hore masepala o na le
sekepele sa nako seteisheneng sa radiyo
sa Middelburg FM moo ba phethahatso
ba buang ka mananeo le diphephetso tsa
masepala, ba be ba utlwe maikutlo a badudi.
Lepatlelo le leng la dipuisano le sebediswang ke masepala ke tshebediso ya diSMS. SMS e sebediswa ho tsebisa badudi ka
ditsebiso dife kapa dife tse potlakileng, ho
akga le ho kgaoha ha phepelo ya metsi le
motlakase.
Ratoropo Masina o itse masepala o dula
a tshwara dikopano tsa Boratoropo, moo
lefapha le leng le le leng le tlalehang ka dikatleho le diphephetso tseo ba bileng le tsona.
Ratoropo o boetse a hlakisa hore seabo le
boikarabelo ba ba nang le seabo le baokamedi
Masepaleng wa Setereke wa Steve Tshwete
di hlakisitswe hantle.
“Seo re se nepileng ke ho hlalosa mesebetsi
le boikarabelo ba rona bakeng sa bohle ba
dikantorong tsa sepolotiki le batsamaisi ba
rona.
“Jwaloka Ratoropo, mesebetsi ya ka le
boikarabelo ba ka di hlalositswe hantle, ka
ho tshwanang le batsamaisi le Motsamaisi wa
Dipuisano. E mong le e mong o tseba seo a
lebeletsweng ho se etsa.”
Ratoropo Masina o dumela hore haeba
bomasepala ba bang ba buisana le badudi
ba bona, ba hira batho ba nang le mangolo
le bokgoni bo nepahetseng, hape haeba ba
dikantorong tsa sepolotiki ba tlohela ho
itshunyatshunya ka tsamaiso ya masepala,
mmuso wa dibaka o tla kena motjheng o
nepahetseng mme o etsa phapang maphelong a badudi.
Letona la Bodulo ba Batho Lindiwe Sisulu le mokaubere wa sesole Nonceba Lubenga, wa
pele ho ba bararo ba fotseng molemo letsholong la Ho Ahwa ha Matlo ke ba Bophatlalatsi.
Bathandwa Mbola
Nonceba Lubenga, 87, o
sitilwe ho pata nyakallo ya hae
kapa ho fumana mantswe a
ho hlalosa teboho ya hae ha a
ne a hlaloswa e le e mong wa
ba pele ba ho fola molemo
letsholong la mmuso la ho
ahela mekaubere ya sesole
matlo a fetang 5 000.
L
ubenga, eo e neng e le e mong wa pele
wa mekaubere ya sesole e meraro e
hlwaileng lenaneng la Gauteng, o itse
o thabile ka hore mmuso o qetile ka ho
tlotla seabo sa bona tokolohong ya naha.
O ne a boela a na le boitshepo ka hore ketso
ena e tla fa ba bang ba kang yena tshepo, bao
e leng kgale ba shebile lekgalong.
"Ke motlotlo ka hore mmuso o etsa matsapa a
ho lokisa ditlhokeho tsa toka tsa nako e fetileng
hobane bonyane jwale ke tla ba le sebaka se
setle seo ke se bitsang lehae,” ho boletse setho
sa mehleng sa sesole sa sekgukgu, Umkhonto
we Sizwe.
Lubenga o tshabetse Lusaka, Zambia, ka
Mphalane ya 1971 mme a kgutlela kwano
naheng ka 1991. Ha jwale o dula le ditloholo
tsa hae Yeoville mme ha a so ka a eba le ntlo
bophelong ba hae.
Empa kgweding ena, o tla kena semmuso
ntlong ya hae e nang le diphaposi tsa ho robala
tse pedi e Fleurhof Estate, e nang le disebediswa
tsa sejwalejwale.
Fleurhof Estate ke kahong ya matlo a ba fu-
manang meputso e sa lekanang mme e haufi le
Main Reef Road, 13km ka bophirimela ba Setsing sa Kgwebo sa Setereke sa Johannesburg.
Sebaka sena se etsa karolo ya mmuso ya
ho kgothalletsa tsosoloso ya ditoropong. Ha
e phethelwa, porojeke e tla ba le diyuniti tsa
matlo a fetang 9 000.
Ho ya ka City of Joburg, nngwe borarong kahong e tla ba diyuniti tsa RDP, ha boraro ba ho
qetela bo tla ba le matlo a kopaneng. E tla boela
e sebedisa ditsha tsa dikgwebo tse kopaneng,
ditsha tsa diindasteri, keretjhe, dibaka tseo ho
rapellwang ho tsona, disebediswa tsa setjhaba,
dikolo le dibaka tse bulehileng tsa setjhaba.
Letona la Lefapha la Bodulo ba Batho Lindiwe
Sisulu o thakgotse letsholo, le thulaneng le Ho
Ahwa ha Matlo ke ba Bophatlalatsi la selemo
le selemo le lemohilweng tlasa mookotaba o
reng ‘Ho kgutlisa seriti sa mekaubere ya sesole
ka bodulo ba batho.’
Ho Ahwa ha Matlo ke ba Bophatlalatsi ho
hlahisitse Letona Sisulu, batho ba tummeng
ba bophatlalatsi, ba amehang le batshehetsi
ba ditjhelete ba tswang lekaleng la poraefete
ba aha ba bile ba ferefa matlo a mararo a mekaubere ya sesole.
Letona Sisulu o itse lefapha la hae le iketseditse pehelo ya ho aha matlo a 5 000 diporofenseng tsohle tse robong ka dilemo tse tharo.
“Re batla ho ba ahela matlo a matle ho kgutlisa seriti sa bona esita le ho tlotla seabo sa
bona tokolohong ya rona. Ona ke mosebetsi
wa naha o ka sehloohong,” ho boletse Letona.
O kopile setjhaba sa Fleurhof le dibaka tse
ding, moo mekaubere ya sesole e tla ahelwa
teng, ho ba hlokomela.
“Batho bana ba tetse maphelo a bona ho
lwanela tokoloho, kahoo ho bohlokwa hore
re ba tshware hantle ka hlompho.”
Ho batshehetsi ba ditjhelete ba neng ba e
na le Letona Sisulu e ne e le Calgro M3, First
National Bank le Kansai Plascon, Lefapha la
Mekaubere ya Sesole le City of Joburg.